Mareka 8:26-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Yaba o se kgutlisetsa hae ha sona, a re: O se ke wa kena motseng, mme o se ke wa bolella motho.

27. Jesu le barutuwa ba hae ba ikela metsaneng ya Sesarea wa Filipi; ba re ba sa le tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Batho ba re ke mang na?

28. Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o e mong wa baporofeta.

29. Yaba o re ho bona: Hleka lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.

30. Mme a ba laya hore ba se ke ba mmolela ho motho le a mong.

31. Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.

32. A bolela taba eo pepeneneng. Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela.

Mareka 8