22. Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.
23. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse, a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodimo, a ntoo se botsa hore na se bonang.
24. Hobane se tadime, sa re: Ke bona batho, hobane ke ba bona ba tsamaya, eka difate.
25. A ba a boela a bea matsoho a hae mahlong a sona; jwale sa bona ruri, se fodile, sa bona dintho tsohle hantle.
26. Yaba o se kgutlisetsa hae ha sona, a re: O se ke wa kena motseng, mme o se ke wa bolella motho.
27. Jesu le barutuwa ba hae ba ikela metsaneng ya Sesarea wa Filipi; ba re ba sa le tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Batho ba re ke mang na?
28. Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o e mong wa baporofeta.
29. Yaba o re ho bona: Hleka lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.
30. Mme a ba laya hore ba se ke ba mmolela ho motho le a mong.
31. Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.
32. A bolela taba eo pepeneneng. Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela.
33. Empa yena a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.
34. Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.