2. Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na se jewang.
3. Ekare ha nka ba kgutlisetsa mahae a bona ba lapile, ba ka kgathala tseleng; hobane ba bang ho bona ba tswa hole.
4. Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: Ba ka batlelwa kae mahobe ao ba ka a kgorang feelleng lena?
5. A ba botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supile.
6. Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata.
7. Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.
8. Mme ba eja, ba kgora, ha ba ha nkwa diroto tse supileng tsa dingwathwana tse setseng.
9. Athe ba jeleng e batlile e eba dikete tse nne. A ntoo ba kgutlisa.
10. Yaba o phakisa a kena sekepaneng le barutuwa ba hae, mme a ya naheng ya Dalmanutha.
11. Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.
12. Jesu a sisimoha moyeng wa hae, a re: Moloko ona o kopelang pontsho? Kannete ke a le bolella, ke re: Moloko ona ha o ka ke wa newa pontsho.
13. A ba a ba tlohela, a boela a kena sekepaneng, a tshelela mose wane.
14. Barutuwa ba ne ba lebetse ho nka mahobe, ba ena le bohobe bo le bong feela sekepaneng.
15. Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
16. Yaba ba eletsana, ba re: Eka ke hobane re se na mahobe.