Mareka 8:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Na mohla ke ngwathelang ba dikete tse hlano mahobe a mahlano, le nkile diroto tse kae tse tletseng dingwathwana? Ba re ho yena: Tse leshome le metso e mmedi.

20. Le mohla ke ngwathelang ba kete tse nne mahobe a supileng, le nkile diroto tse kae, tse tletseng dingwathwana na? Ba re: Tse supileng.

21. A re ho bona: Ho ya kang, ha le sa utlwisise?

22. Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.

23. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse, a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodimo, a ntoo se botsa hore na se bonang.

24. Hobane se tadime, sa re: Ke bona batho, hobane ke ba bona ba tsamaya, eka difate.

25. A ba a boela a bea matsoho a hae mahlong a sona; jwale sa bona ruri, se fodile, sa bona dintho tsohle hantle.

26. Yaba o se kgutlisetsa hae ha sona, a re: O se ke wa kena motseng, mme o se ke wa bolella motho.

27. Jesu le barutuwa ba hae ba ikela metsaneng ya Sesarea wa Filipi; ba re ba sa le tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Batho ba re ke mang na?

28. Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o e mong wa baporofeta.

Mareka 8