Mareka 8:18-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Le na le mahlo, ha le bone keng? Le na le ditsebe, ha le utlwe keng? Ha le elellwe keng?

19. Na mohla ke ngwathelang ba dikete tse hlano mahobe a mahlano, le nkile diroto tse kae tse tletseng dingwathwana? Ba re ho yena: Tse leshome le metso e mmedi.

20. Le mohla ke ngwathelang ba kete tse nne mahobe a supileng, le nkile diroto tse kae, tse tletseng dingwathwana na? Ba re: Tse supileng.

21. A re ho bona: Ho ya kang, ha le sa utlwisise?

22. Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.

23. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse, a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodimo, a ntoo se botsa hore na se bonang.

24. Hobane se tadime, sa re: Ke bona batho, hobane ke ba bona ba tsamaya, eka difate.

25. A ba a boela a bea matsoho a hae mahlong a sona; jwale sa bona ruri, se fodile, sa bona dintho tsohle hantle.

26. Yaba o se kgutlisetsa hae ha sona, a re: O se ke wa kena motseng, mme o se ke wa bolella motho.

27. Jesu le barutuwa ba hae ba ikela metsaneng ya Sesarea wa Filipi; ba re ba sa le tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: Batho ba re ke mang na?

28. Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o e mong wa baporofeta.

29. Yaba o re ho bona: Hleka lona le re ke mang? Petrose a araba, a re ho yena: O Kreste.

30. Mme a ba laya hore ba se ke ba mmolela ho motho le a mong.

31. Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.

32. A bolela taba eo pepeneneng. Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela.

33. Empa yena a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.

34. Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.

35. Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae, ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo boloka.

36. Hobane motho leha a ka rua lefatshe lohle, mme a timellwa ke moya wa hae, etlaba o ruileng ka lona na?

Mareka 8