Mareka 8:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, bongata bo boholo bo ne bo na le Jesu, mme ba ne ba hloka se jewang. Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona:

2. Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na se jewang.

3. Ekare ha nka ba kgutlisetsa mahae a bona ba lapile, ba ka kgathala tseleng; hobane ba bang ho bona ba tswa hole.

4. Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: Ba ka batlelwa kae mahobe ao ba ka a kgorang feelleng lena?

5. A ba botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supile.

6. Yaba o laela bongata hore bo dule fatshe; a nka mahobe a supileng, mme hobane a lebohe, a a ngwatha, a a nea barutuwa ba hae hore ba a abele batho, mme ba a abela bongata.

7. Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.

8. Mme ba eja, ba kgora, ha ba ha nkwa diroto tse supileng tsa dingwathwana tse setseng.

9. Athe ba jeleng e batlile e eba dikete tse nne. A ntoo ba kgutlisa.

10. Yaba o phakisa a kena sekepaneng le barutuwa ba hae, mme a ya naheng ya Dalmanutha.

11. Bafarisi ba tswa, mme ba qala ho fapanya dipuo le yena, ba kopa pontsho e tswang lehodimong, e le ho mo leka.

Mareka 8