Mareka 7:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Hobane le tlohela molao wa Modimo, le tle le boloke mekgwa eo batho ba e neaneng, e leng hlatsuo ya dipitsa le ya mehope, mme le etsa tse ngata tse jwalo.

9. A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.

10. Hobane Moshe o itse: Hlonepha ntatao le mmao, mme ya buang hampe le ntatae, leha e le mmae, a bolawe.

11. Athe lona le re: Ha ho molato leha motho a re ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, e se e le korbane (ke ho re, neo e etsetswang Modimo);

12. mme ha le sa mo dumella ho etsetsa ntatae kapa mmae letho.

13. Le fosisa lentswe la Modimo jwalo ka mokgwa wa lona oo le o neanang, mme le etsa le tse ding tse ngata tse jwalo.

14. Yare hobane a biletse bongata bohle ho yena, a re ho bona: Mmameleng kaofela, le utlwisise:

15. Ha ho letho le kantle ho motho le ka tsebang ho mo silafatsa, ha le kena ka ho yena; empa tse tswang ka ho motho, ke tsona tse mo silafatsang.

16. Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.

17. Yare ha a kene tlung, a tlohile ho bongata, barutuwa ba hae ba mmotsa setshwantsho seo.

Mareka 7