Mareka 7:34-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!

35. Yaba ditsebe tsa hae di thiboloha hang, mothapo wa leleme la hae wa lokoloha, mme a bua hantle.

36. A ba laya hore ba se ke ba bolella motho, empa ha a ba laile haholo, ya eba hona ba bolelang ka ho fetisisa.

37. Batho ba tsota ka ho fetisisa, ba re: O entse tsohle hantle; o utlwisa ba sa utlweng, o buisa le ba sa bueng.

Mareka 7