21. Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,
22. le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.
23. Manyala ao wohle a tswa kahare, mme ke wona a silafatsang motho.
24. Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;
25. hobane mosadi e mong eo ngwanana wa hae a kenweng ke moya o ditshila, o ne a mo utlwile, mme a tla, a kgumama maotong a hae.
26. Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiro-Fenisia. A mo rapela hore a leleke motemona, a tswe ho moradi wa hae.
27. Empa Jesu a re ho yena: Lesa bana ba kgore pele; hobane ha ho hotle ho amoha bana bohobe, ho bo akgella dintjanyana.
28. Eo a mpa a araba, a re ho Jesu: E, Morena! empa, leha ho le jwalo, dintjanyana le tsona di ye di je makumane a bana katlasa tafole.
29. A re ho yena: Ka baka la polelo eo, eya, motemona o se a tswile ho moradi wa hao.
30. Mme ha a fihla tlung ya hae, a fumana moradi wa hae a robetse malaong, le motemona a tswile.
31. A boela a tloha naheng ya Tire, a leba nqa lewatleng la Galelea ka la Sidone, a haola naha ya Dekapolise.
32. Mme ba tlisa ho yena motho ya sa utlweng, ya semumu, mme ba rapela Jesu hore a mmee letsoho hodimo.
33. Jesu a mo ntsha hara bongata, a mo nkela thoko, a mo kenya menwana ditsebeng; a tshwela mathe, a ama leleme la hae ka wona.
34. A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!