Mareka 7:18-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. A re ho bona: Hleka le lona le sa hloka kelello na? Ha le utlwisise keng hobane tsohle tse kantle, ha di kena ka ho motho, di ke ke tsa tseba ho mo silafatsa?

19. Kahobane ha di kene ka pelong ya hae, di mpa di ya ka mpeng, mme di tswela mohlabeng, kamoo dijo tsohle di ntseng di hlweka kateng.

20. A ba a re: Tse tswang ka ho motho, ke tsona tse silafatsang motho.

21. Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,

22. le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.

23. Manyala ao wohle a tswa kahare, mme ke wona a silafatsang motho.

24. Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;

25. hobane mosadi e mong eo ngwanana wa hae a kenweng ke moya o ditshila, o ne a mo utlwile, mme a tla, a kgumama maotong a hae.

26. Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiro-Fenisia. A mo rapela hore a leleke motemona, a tswe ho moradi wa hae.

27. Empa Jesu a re ho yena: Lesa bana ba kgore pele; hobane ha ho hotle ho amoha bana bohobe, ho bo akgella dintjanyana.

28. Eo a mpa a araba, a re ho Jesu: E, Morena! empa, leha ho le jwalo, dintjanyana le tsona di ye di je makumane a bana katlasa tafole.

29. A re ho yena: Ka baka la polelo eo, eya, motemona o se a tswile ho moradi wa hao.

Mareka 7