Mareka 7:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, ha phuthehela ho Jesu bafarisi le bangodi ba bang ba tswang Jerusalema.

2. Ba ne ba bone barutuwa ba hae ba bang ba eja bohobe ka matsoho a mabe, ke ho re, a sa kang a hatlelwa.

3. Hobane bafarisi le Bajuda bohle ba ke ke ba eja, ha ba eso ho hatlele haholo, ba re, ba boloka mokgwa wa baholo.

4. Hape, leha ba etswa moo ho rekelwang teng, ha ba je ha ba sa ka ba tola pele. Ho sa na le mekgwa e mengata e meng eo ba e nkileng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, le dipitsa, le merifi ya koporo, le malao.

5. Bafarisi le bangodi ba botsa Jesu ke hona, ba re: Ana barutuwa ba hao ha ba ye keng ka mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe ka matsoho a sa hatlelwang?

6. A ba araba, a re ho bona: Esaia o ne a porofete hantle bakeng sa lona, lona baikaketsi, kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa dipelo tsa bona di hole le nna.

7. Empa ba ntshebelletsa lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.

Mareka 7