53. Yare ha ba tsheletse mose, ba leba nqa naheng ya Genesarethe, mme ba fihla lebopong.
54. Eitse ha ba tswile sekepaneng, batho ba teng ba mo tseba kapele;
55. mme ba mathela naheng eo yohle, ba qala ho tlisa ba bohloko ka diphate tsa bona, moo ba mo utlwang a le teng.
56. Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.