36. ba kgutlise, ba ye metsaneng le metseng e re teetseng hare, ba ithekele seo ba ka se jang.
37. A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?
38. A re ho bona: Le na le mahobe a makae? Eyang, le bone. Ha ba tsebile, ba re: A mahlano, le dihlapi tse pedi.
39. Yaba o ba laela, a re, ba dudise batho bohle ka dihlophahlopha, hodima jwang bo botala.
40. Ba dula, ba arohile ka makgolo le ka mashome a mahlano.
41. Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.
42. Ba eja kaofela, ba ba ba kgora.
43. Mme ba nka diroto tse leshome le metso e mmedi, tse tletseng dingwathwana, le wona marathana a dihlapi.
44. Athe ba jeleng mahobe e ne e batlile e eba banna ba dikete tse hlano.
45. Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.
46. Yare ha a bo kgutlisitse, a ya thabeng ho rapela.
47. Eitse ha ho se ho phirimile, sekepana sa be se le hara lewatle, yena a sa le mose wane a nnothsi.
48. A ba bona ba tsielehile haholo ke ho tsamaisa sekepana, hobane moya o ne o ba hanela. Ha e batla e eba tebelo ya bone ya bosiu, a tla ho bona, a ntse a tsamaya hodima lewatle, yaka o a ba feta.
49. Jwale, ha ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba hloma eka ke sethotsela, mme ba meketsa;
50. hobane ba ne ba mmona kaofela, mme ba ne ba tshohile; empa a phakisa a bua le bona a re ho bona: Kgothahalang, ke nna, se tshabeng!