34. Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
35. Tsatsi ha le se le ile, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, hape e se e le mantsiboya;
36. ba kgutlise, ba ye metsaneng le metseng e re teetseng hare, ba ithekele seo ba ka se jang.
37. A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?
38. A re ho bona: Le na le mahobe a makae? Eyang, le bone. Ha ba tsebile, ba re: A mahlano, le dihlapi tse pedi.
39. Yaba o ba laela, a re, ba dudise batho bohle ka dihlophahlopha, hodima jwang bo botala.
40. Ba dula, ba arohile ka makgolo le ka mashome a mahlano.
41. Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.
42. Ba eja kaofela, ba ba ba kgora.
43. Mme ba nka diroto tse leshome le metso e mmedi, tse tletseng dingwathwana, le wona marathana a dihlapi.
44. Athe ba jeleng mahobe e ne e batlile e eba banna ba dikete tse hlano.
45. Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.
46. Yare ha a bo kgutlisitse, a ya thabeng ho rapela.