Mareka 6:33-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.

34. Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.

35. Tsatsi ha le se le ile, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, hape e se e le mantsiboya;

36. ba kgutlise, ba ye metsaneng le metseng e re teetseng hare, ba ithekele seo ba ka se jang.

37. A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?

38. A re ho bona: Le na le mahobe a makae? Eyang, le bone. Ha ba tsebile, ba re: A mahlano, le dihlapi tse pedi.

39. Yaba o ba laela, a re, ba dudise batho bohle ka dihlophahlopha, hodima jwang bo botala.

40. Ba dula, ba arohile ka makgolo le ka mashome a mahlano.

41. Jwale ha a nkile mahobe ao a mahlano le dihlapi tseo tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.

42. Ba eja kaofela, ba ba ba kgora.

43. Mme ba nka diroto tse leshome le metso e mmedi, tse tletseng dingwathwana, le wona marathana a dihlapi.

44. Athe ba jeleng mahobe e ne e batlile e eba banna ba dikete tse hlano.

45. Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.

46. Yare ha a bo kgutlisitse, a ya thabeng ho rapela.

47. Eitse ha ho se ho phirimile, sekepana sa be se le hara lewatle, yena a sa le mose wane a nnothsi.

48. A ba bona ba tsielehile haholo ke ho tsamaisa sekepana, hobane moya o ne o ba hanela. Ha e batla e eba tebelo ya bone ya bosiu, a tla ho bona, a ntse a tsamaya hodima lewatle, yaka o a ba feta.

49. Jwale, ha ba mmona a tsamaya hodima lewatle, ba hloma eka ke sethotsela, mme ba meketsa;

50. hobane ba ne ba mmona kaofela, mme ba ne ba tshohile; empa a phakisa a bua le bona a re ho bona: Kgothahalang, ke nna, se tshabeng!

51. A hlwella ho bona ka sekepaneng; yaba moya o a kgutsa, mme ba makala kahare ho bona ka ho fetisisa, ba ba ba hlollwa;

52. hobane ba ne ba sa ka ba ela mohlolo wa mahobe sedi, kahobane pelo tsa bona di ne di le thata.

Mareka 6