Mareka 6:15-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ba bang ba ne ba re: Ke Elia; ba bang ba re: Ke moporofeta, leha e le ya jwaloka e mong wa baporofeta.

16. Empa Heroda ha a utlwa, a re: Johanne, eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.

17. Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.

18. Athe Johanne o ne a itse ho Heroda: Ha ho lokele hoba o be le mosadi wa ngwaneno.

19. Herodiase o ne a hloile Johanne ke hona, mme o ne a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa;

20. hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.

21. Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,

22. moradi wa Herodiase eo a kena, a etsa tjhao, a kgahlisa Heroda le ba dutseng dijong le yena. Morena a re ho morwetsana: Kopa ntho eo o e ratang, ke tla o fa yona.

23. A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.

24. Yaba morwetsana o tswa, a ya re ho mmae: Ke tla kopang na? Eo a re: Kopa hlooho ya Johanne Mokolobetsi.

25. Morwetsana a phakisa a kena ka mafolofolo ho morena, a kopa, a re: Ke rata ho fuwa ke wena, hona jwale, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.

26. Morena a swaba haholo, a mpa a tshaba ho hana ho yena ka baka la kano ya hae le la ba dutseng dijong le yena.

27. A phakisa a roma mohlabani, a mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Yaba mohlabani o ya, a mo kgaola hlooho teronkong;

28. a tlisa hlooho ya hae ka mokeke, a e nea morwetsana, mme morwetsana a e nea mmae.

29. Barutuwa ba Johanne, ha ba utlwa, ba ya, ba nka setopo sa hae, mme ba se bea lebitleng.

30. Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng batho.

31. A ba bolella, a re: Tloong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba etla, ba bang ba eya, mme baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.

32. Ba kena sekepaneng, ba ya feelleng ba nnotshi.

33. Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.

Mareka 6