11. Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.
12. Yaba ba tsamaya, ba bolella batho hore ba bake.
13. Ba leleka batemona ba bangata, mme ba tlotsa ba kulang ba bangata ka ole, ba ba fodisa.
14. Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
15. Ba bang ba ne ba re: Ke Elia; ba bang ba re: Ke moporofeta, leha e le ya jwaloka e mong wa baporofeta.
16. Empa Heroda ha a utlwa, a re: Johanne, eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.
17. Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.
18. Athe Johanne o ne a itse ho Heroda: Ha ho lokele hoba o be le mosadi wa ngwaneno.
19. Herodiase o ne a hloile Johanne ke hona, mme o ne a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa;
20. hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.
21. Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,
22. moradi wa Herodiase eo a kena, a etsa tjhao, a kgahlisa Heroda le ba dutseng dijong le yena. Morena a re ho morwetsana: Kopa ntho eo o e ratang, ke tla o fa yona.
23. A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.
24. Yaba morwetsana o tswa, a ya re ho mmae: Ke tla kopang na? Eo a re: Kopa hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
25. Morwetsana a phakisa a kena ka mafolofolo ho morena, a kopa, a re: Ke rata ho fuwa ke wena, hona jwale, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
26. Morena a swaba haholo, a mpa a tshaba ho hana ho yena ka baka la kano ya hae le la ba dutseng dijong le yena.
27. A phakisa a roma mohlabani, a mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Yaba mohlabani o ya, a mo kgaola hlooho teronkong;
28. a tlisa hlooho ya hae ka mokeke, a e nea morwetsana, mme morwetsana a e nea mmae.