Mareka 6:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jesu a tloha moo, a boela naheng ya habo, mme barutuwa ba hae ba mo latela.

2. Eitse tsatsi la Sabatha ha le tjhaba, a qala ho ruta sinagogeng, mme ba bangata ba mo utlwang ba tsota, ba re: Taba tsena eo o di nkile kae? Keng bohlale boo eo a bo neilweng, le mehlolo e kalo e etswang ka matsoho a hae?

3. Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.

4. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlonepho haese naheng ya habo, le ho ba habo, le tlung ya hae.

5. A sitwa ho etsa mohlolo moo, haese wa ho fodisa ba kulang ba se ba kae, ka ho ba bea matsoho hodimo.

6. Mme a makala ke ho se dumele ha bona. A ntoo tjhalaka le metsana e kathoko, a ntse a ruta.

7. Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi; a ba fa matla a ho hlola meya e ditshila;

8. a ba laela, hore ba se ke ba nkela tsela letho, haese lere feela; ba se ke ba nka mokotla le bohobe, leha e le tjhelete ya koporo ka maqhaameng a bona;

9. ba mpe ba rwale meqhathatso, mme ba se ke ba apara kobo tse pedi.

10. A re ho bona: Hohle moo le kenang tlung ha e mong, le dule teng, le tle le be le tlohe teng.

11. Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.

12. Yaba ba tsamaya, ba bolella batho hore ba bake.

13. Ba leleka batemona ba bangata, mme ba tlotsa ba kulang ba bangata ka ole, ba ba fodisa.

14. Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.

Mareka 6