9. Jesu a botsa, a re: Lebitso la hao o mang? Wa araba, wa re ho yena: Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.
10. Ba mo rapela haholo, hore a se ke a ba leleka naheng eo.
11. Mohlape o moholo wa dikolobe o ne o le teng hona moo dithabeng, o fula.
12. Batemona ba mo rapela, ba re: O re romele dikolobeng tseno, re kene ho tsona.
13. Jesu a phakisa a ba dumella. Yaba meya e ditshila eo e kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, e batlile e eba kete tse pedi, mme tsa bipelwa lewatleng.
14. Ba neng ba disitse dikolobe ba baleha, ba ya tsebisa ba motseng le ba naheng; yaba bao ba tswa ho ya bona ho hlahileng.
15. Eitse ha ba fihla ho Jesu, ba bona ya neng a na le batemona ba legione a dutse, a apere, a ena le ditaba; mme ba tshaba.
16. Ba neng ba bone hoo ba ba bolella kamoo ho entsweng kateng ho motho ya neng a na le batemona, le ho dikolobe.
17. Yaba ba qala ho rapela Jesu, hore a tlohe naheng ya bona.
18. Ha a kena sekepaneng, motho ya neng a ile a ba le batemona, a mo rapela, hore a mo dumelle ho dula le yena.
19. Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: Eya hae, haeno, ho banabeno, o ba tsebise tse kgolo tseo Morena a o entseng tsona, kamoo a o utlwetseng bohloko kateng.
20. Yaba o a ya, mme a qala ho bolela naheng ya Dekapolise ntho tse kgolo tseo a di entsweng ke Jesu; mme bohle ba makala.
21. Yare hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepana, bongata bo boholo ba bokana ho yena; o ne a le pela lewatle.
22. Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;