Mareka 5:33-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Yaba mosadi o tshwarwa ke tshabo, a thothomela, ka ho tseba ho entsweng mmeleng wa hae; a tla, a kgumamela Jesu, mme a mmolella nnete yohle.

34. Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.

35. A re a sa bua, batho ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba fihla, ba re: Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?

36. Empa Jesu ha a ka a hlokomela se bolelwang, mme a re ho mmusi wa sinagoge: Se tshohe, dumela feela.

37. Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.

38. Ha a fihla tlung ya mmusi wa sinagoge, a fihlela moferefere, le ba llang, le ba bokollang haholo.

39. Yaba o kena, a re ho bona: Le etsetsang moferefere, mme le llelang? Ngwanana ha a shwa, o mpa a robetse.

40. Ba mo tsheha; empa Jesu a ba ntshetsa ntle kaofela, a nka ntata ngwanana le mmae le ba tlileng le yena, mme a kena moo ngwanana a robaditsweng teng.

41. A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.

42. Yaba ngwanana o phakisa a tsoha, a tsamaya, hobane dilemo tsa hae di ne di se di le leshome le metso e mmedi; mme ba hlollwa haholo.

43. Jesu a ba laya haholo, hore ho se ke ha tseba motho; a ntoo re, ba fe ngwanana dijo.

Mareka 5