27. yare ha a utlwa taba tsa Jesu, a kena hara letshwele kamorao, mme a ama kobo ya hae;
28. hobane o ne a re: Leha nka ama kobo ya hae feela, ke tla pholoha.
29. Yaba hang, madi a hae a kgaotsa ho phalla, mme a ikutlwa mmeleng wa hae hobane bohloko ba hae bo fodile.
30. Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?
31. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha o bona hobane bongata bo a o hatella, o botsa jwang, ha o re: Ke amilwe ke mang na?
32. Mme a qamaka kahohle a tle a bone ya entseng hoo.
33. Yaba mosadi o tshwarwa ke tshabo, a thothomela, ka ho tseba ho entsweng mmeleng wa hae; a tla, a kgumamela Jesu, mme a mmolella nnete yohle.
34. Jesu a re ho yena: Moradi wa ka, tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso, mme bohloko ba hao bo fele.
35. A re a sa bua, batho ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba fihla, ba re: Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?
36. Empa Jesu ha a ka a hlokomela se bolelwang, mme a re ho mmusi wa sinagoge: Se tshohe, dumela feela.
37. Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.
38. Ha a fihla tlung ya mmusi wa sinagoge, a fihlela moferefere, le ba llang, le ba bokollang haholo.
39. Yaba o kena, a re ho bona: Le etsetsang moferefere, mme le llelang? Ngwanana ha a shwa, o mpa a robetse.
40. Ba mo tsheha; empa Jesu a ba ntshetsa ntle kaofela, a nka ntata ngwanana le mmae le ba tlileng le yena, mme a kena moo ngwanana a robaditsweng teng.
41. A tshwara letsoho la ngwanana, a re ho yena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetolwa: Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha.