Mareka 5:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Yaba ba qala ho rapela Jesu, hore a tlohe naheng ya bona.

18. Ha a kena sekepaneng, motho ya neng a ile a ba le batemona, a mo rapela, hore a mo dumelle ho dula le yena.

19. Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: Eya hae, haeno, ho banabeno, o ba tsebise tse kgolo tseo Morena a o entseng tsona, kamoo a o utlwetseng bohloko kateng.

20. Yaba o a ya, mme a qala ho bolela naheng ya Dekapolise ntho tse kgolo tseo a di entsweng ke Jesu; mme bohle ba makala.

21. Yare hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepana, bongata bo boholo ba bokana ho yena; o ne a le pela lewatle.

22. Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;

23. a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.

24. Yaba Jesu o ya le yena, mme bongata bo boholo ba mo latela, mme ba ne ba mo hatella.

25. Jwale mosadi ya nang le phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi,

26. ya neng a utlwile tse bohloko tse ngata ka dingaka tse ngata, a qetile ntho tsa hae kaofela, empa a sa ka a thuswa le hanyenyane, feela bohloko bo nnile ba befa,

27. yare ha a utlwa taba tsa Jesu, a kena hara letshwele kamorao, mme a ama kobo ya hae;

28. hobane o ne a re: Leha nka ama kobo ya hae feela, ke tla pholoha.

29. Yaba hang, madi a hae a kgaotsa ho phalla, mme a ikutlwa mmeleng wa hae hobane bohloko ba hae bo fodile.

30. Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?

Mareka 5