1. Yaba ba fihla mose wane wa lewatle, naheng ya Bagerasene.
2. A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.
3. O ne a dula mabitleng, mme ho ne ho se motho ya tsebang ho mo tlama, leha e le ka mahlaahlela;
4. hobane o ne a se a ile a tlangwa hangata ka ditshepe le ka mahlaahlela, a mpa a roba mahlaahlela, a tula ditshepe; ho ne ho se motho ya tsebang ho mo thapisa.
5. Kamehla, motshehare le bosiu, o ne a le dithabeng le mabitleng, a ntse a howa a ikgoba ka majwe.
6. Ha a bona Jesu, a sa le hole, a matha, mme a mo kgumamela.
7. A ntoo howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena keng, Jesu, Mora Modimo o moholoholo? Ke o antsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.
8. Hobane Jesu o ne a re ho wona: Tswa mothong eo, moya o ditshila.
9. Jesu a botsa, a re: Lebitso la hao o mang? Wa araba, wa re ho yena: Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.
10. Ba mo rapela haholo, hore a se ke a ba leleka naheng eo.
11. Mohlape o moholo wa dikolobe o ne o le teng hona moo dithabeng, o fula.
12. Batemona ba mo rapela, ba re: O re romele dikolobeng tseno, re kene ho tsona.
13. Jesu a phakisa a ba dumella. Yaba meya e ditshila eo e kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, e batlile e eba kete tse pedi, mme tsa bipelwa lewatleng.