7. Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ha e hola, ya di pupetsa, tsa sitwa ho beha dijo.
8. Tse ding tsa wela mobung o motle, tsa beha dijo, tsa mela, tsa hola; e nngwe ya beha tse mashome a mararo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse lekgolo.
9. Mme a re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe.
10. Ha a le kathoko, ba nang le yena le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa setshwantsho seo.
11. Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;
12. e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.
13. A boela a re ho bona: Hleka ha le tsebe setshwantsho seo na? Ha ekaba ho jwalo, le ka tseba jwang ditshwantsho tsohle?
14. Mojadi ke ya jalang lentswe.
15. Ba pela tsela, moo lentswe le jalwang teng, ke bao, ereng ha ba le utlwile, Satane a phakise a tle ho bona, mme a ba amohe lentswe le jadilweng pelong tsa bona.
16. Ho jwalo le ba amohetseng peo majweng; ke bao ereng ha ba utlwile lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo;
17. ba mpa ba se na motso ka ho bona, e le ba motsotso o se okae feela; mme ha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, ba phakise ba kgoptjwe.
18. Ba amohetseng peo meutlweng, ke ba utlwang lentswe;
19. empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.