Mareka 4:37-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Jwale, ha tsoha sefefo se seholo sa moya; maqhubu a metsi a kena sekepaneng, mme se ne se se batla se tlala.

38. Yena o ne a le maraong, a robetse mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: Moruti, ana hase letho ho wena leha re timela na?

39. A tsoha, a kgalemela moya, a re ho lewatle: Kgutsa, o re tu! Yaba moya o a kgutsa, mme kgutso e kgolo ya eba teng.

40. Yaba o re ho bona: Le boi keng hakalo? Le hloka keng tumelo?

41. Mme ba tshaba ka tshabo e kgolo, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang na, ha a utluwa ke moya le ke lewatle?

Mareka 4