23. Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
24. A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.
25. Hobane ya nang le ntho, o tla boela a newe, athe ya se nang letho, ntho eo a nang le yona o tla e amohuwa.
26. Yaba o re: Mmuso wa Modimo o jwaloka motho ha a jadile peo tshimong.
27. Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motshehare le bosiu, peo e nne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng.
28. Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;
29. mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.
30. Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?
31. O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.
32. Empa, ha e se e jadilwe, e hole, mme e fete meroho yohle ka boholo, e etse makala a maholo, mme dinonyana tsa lehodimo di ahe moriting wa yona.
33. A nna a ba bolella lentswe la Modimo ka ditshwantsho tse ngata tse jwalo, kamoo ba neng ba ka lokela ho utlwa kateng.
34. O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.
35. Ka tsatsi lona leo, ha e le mantsiboya, a re ho bona: A re tsheleleng mose.
36. Ha ba kgutlisitse bongata, ba mo nka ka sekepana seo a neng a le ho sona; le dikepana tse ding di ne di le teng ho yena.
37. Jwale, ha tsoha sefefo se seholo sa moya; maqhubu a metsi a kena sekepaneng, mme se ne se se batla se tlala.
38. Yena o ne a le maraong, a robetse mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: Moruti, ana hase letho ho wena leha re timela na?