18. Ba amohetseng peo meutlweng, ke ba utlwang lentswe;
19. empa ho belaella tsa lefatshe, le thetso ya lefumo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le nyope.
20. Ba amohetseng peo mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le amohela, mme ba beha; hlaku e nngwe e behe tse mashome a mararo, e nngwe e behe tse mashome a tsheletseng, e nngwe e behe tse lekgolo.
21. Jesu a ntoo re ho bona: Hleka lebone le tliswa hore le bewe katlasa morula, kapa katlasa malao na? Ana hase hore le hlongwe kandelareng na?
22. Hobane ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le hlaha pontsheng; hape, ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le etla pepeneneng.
23. Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
24. A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.
25. Hobane ya nang le ntho, o tla boela a newe, athe ya se nang letho, ntho eo a nang le yona o tla e amohuwa.
26. Yaba o re: Mmuso wa Modimo o jwaloka motho ha a jadile peo tshimong.
27. Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motshehare le bosiu, peo e nne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng.
28. Hobane lefatshe le imedisetsa dijo ka ho etsa ha lona: pele ke lekgaba; hamorao ke qwapi, hamorao ke dihlaku tse butswitseng qwaping;
29. mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.
30. Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?
31. O jwaloka hlaku ya mosetareta, eo, ere ha e jalwa mobung, e leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle tse lefatsheng.