1. Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.
2. A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae, a ba bolella, a re:
3. Mamelang: Mojadi o ne a tswile ho ya jala.
4. Eitse ha a ntse a jala, hlaku tse ding tsa wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja kaofela.
5. Dihlaku tse ding tsa wela majweng, moo di se nang mobu o mongata; tsa phakisa ho mela, hobane di se na botebo ba mobu.
6. Tsatsi ha le tjhaba, tsa pona, mme tsa etjha ke ho hloka metso.
7. Tse ding tsa wela hara meutlwa, mme meutlwa ha e hola, ya di pupetsa, tsa sitwa ho beha dijo.