Mareka 3:9-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.

10. Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.

11. Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.

12. Mme o ne a e laya haholo, hore e se ke ya mmolela.

13. Yaba o nyolohela thabeng, a ipiletsa bao a ba ratang, mme ba tla ho yena.

14. A bea ba leshome le metso e mmedi, hore ba be ho yena, mme a ba rome ho bolela Evangeli,

15. mme ba be le matla a ho fodisa malwetse, le a ho leleka batemona.

16. Ke Simone, eo a mo ekeleditseng lebitso la Petrose;

17. le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;

18. le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone Mokanana,

19. le Judase Iskariota, e leng yena ya mo ekileng.

20. Ba ntoo ya tlung, mme bongata ba boela ba bokana teng, Jesu le barutuwa ba hae ba ba ba sitwa le ho ja bohobe.

21. Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa.

22. Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.

23. A mpa a ba biletsa ho yena, a ntoo ba bolella ka ditshwantsho, a re: Satane a ka leleka Satane jwang?

24. Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya;

25. le ntlo ha e kgaohane ho itwantsha, ntlo eo e ke ke ya tiya.

26. Le yena Satane, ha a itwantsha, a kgaohana, a ke ke a tiya, empa e se e le ho fela ha hae.

Mareka 3