5. A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
6. Jwale, bafarisi ba tswela ntle, ba etsa morero le Baheroda hodima Jesu, ho tseba hore na ba ka mmolaya jwang.
7. Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea,
8. le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.
9. A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.
10. Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.
11. Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.
12. Mme o ne a e laya haholo, hore e se ke ya mmolela.
13. Yaba o nyolohela thabeng, a ipiletsa bao a ba ratang, mme ba tla ho yena.
14. A bea ba leshome le metso e mmedi, hore ba be ho yena, mme a ba rome ho bolela Evangeli,
15. mme ba be le matla a ho fodisa malwetse, le a ho leleka batemona.
16. Ke Simone, eo a mo ekeleditseng lebitso la Petrose;
17. le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;
18. le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone Mokanana,
19. le Judase Iskariota, e leng yena ya mo ekileng.