Mareka 3:31-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Mmae le banababo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa.

32. Mme bongata bo ne bo dutse, bo mo teetse hare. Yaba ba re ho yena: Bona, mmao le banabeno ke bana kantle, ba o batla.

33. A ba araba, a re: Mme le banabeso ke bomang?

34. A ba a habanya ba dutseng ba mo teetse hare, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana;

35. hobane ya etsang thato ya Modimo, ke yena e leng ngwaneso le kgaitsedi ya ka le mme.

Mareka 3