Mareka 3:16-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ke Simone, eo a mo ekeleditseng lebitso la Petrose;

17. le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;

18. le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone Mokanana,

19. le Judase Iskariota, e leng yena ya mo ekileng.

20. Ba ntoo ya tlung, mme bongata ba boela ba bokana teng, Jesu le barutuwa ba hae ba ba ba sitwa le ho ja bohobe.

21. Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa.

22. Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.

23. A mpa a ba biletsa ho yena, a ntoo ba bolella ka ditshwantsho, a re: Satane a ka leleka Satane jwang?

24. Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya;

25. le ntlo ha e kgaohane ho itwantsha, ntlo eo e ke ke ya tiya.

26. Le yena Satane, ha a itwantsha, a kgaohana, a ke ke a tiya, empa e se e le ho fela ha hae.

27. Ha ho motho ya ka kenang tlung ya senatla ho phahla mesebetsi ya sona, a eso ho tlame senatla pele, ebe hona a phahlang ntlo ya sona.

28. Kannete ke re ho lona: Bara ba batho ba ka tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba nyefotseng ka tsona.

29. Empa ya nyefolang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o tla ba le molato wa sebe se sa feleng.

30. O ne a rialo kahobane ba ne ba re: O na le moya o ditshila.

31. Mmae le banababo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa.

32. Mme bongata bo ne bo dutse, bo mo teetse hare. Yaba ba re ho yena: Bona, mmao le banabeno ke bana kantle, ba o batla.

33. A ba araba, a re: Mme le banabeso ke bomang?

34. A ba a habanya ba dutseng ba mo teetse hare, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana;

Mareka 3