1. Jesu a boela a kena sinagogeng, mme motho o ne a le teng moo ya omeletseng letsoho.
2. Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose.
3. Yaba Jesu o re ho motho ya letsoho le omeletseng: Ema mona, hare.
4. A ntoo re ho bona: Haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho kapa ho mmolaya, ho lokelang ho etswa ka Sabatha ke hofe na? Empa ba kgutsa.
5. A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
6. Jwale, bafarisi ba tswela ntle, ba etsa morero le Baheroda hodima Jesu, ho tseba hore na ba ka mmolaya jwang.
7. Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea,
8. le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.
9. A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.
10. Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.