Mareka 2:3-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ha fihla ba tlisang ho yena motho ya omeletseng ditho, a jerwe ke batho ba bane.

4. Mme kahobane ba ne ba sitwa ke bongata ho atamela Jesu, ba phunya marulelo a ntlo eo a leng ho yona, mme ha ba a phuntse, ba lepelletsa diphate tseo ya omeletseng ditho a robetseng ho tsona.

5. Jesu ha a bona tumelo ya bona, a bolella ya omeletseng ditho, a re: Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.

6. Bangodi ba bang ba ne ba dutse moo, ba nyatsa ka dipelong tsa bona, ba re:

7. Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi?

8. Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?

9. Na haele ho re ho ya omeletseng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na?

10. Jwale — hore le tsebe hoba Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho:

11. Ke re ho wena: Tloha o eme, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

12. A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo!

13. Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta.

14. Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.

Mareka 2