Mareka 2:23-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ka tsatsi le leng, e neng e le la Sabatha, yare ha a feta hara masimo, barutuwa ba hae ba qala ho kga diqwapi ba ntse ba tsamaya.

24. Bafarisi ba re ho yena: Bona, ba etsetsang ka Sabatha ho sa dumellwang.

25. Jesu a re ho bona: Hleka ha le eso ho bale ho entsweng ke Davida, mohla a hlokang dijo, a lapile le bao a nang le bona;

26. kamoo a neng a kene tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a sa lokelang ho jewa, haese ke baprista ba nnotshi, a ba a fa le ba nang le yena?

27. Jesu a re ho bona: Sabatha a entswe ka baka la motho, motho ha a etswa ka baka la Sabatha.

28. Ha ho le jwalo, Mora motho ke morena le wa Sabatha.

Mareka 2