Mareka 2:17-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.

18. Barutuwa ba Johanne le ba bafarisi ba ne ba itima dijo, mme ba tla ho Jesu, ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne le ba bafarisi ba itimelang dijo, kanthe barutuwa ba hao ha ba itime tsona?

19. Jesu a re ho bona: Na balekane ba monyadi ba ka itima dijo, ha monyadi a sa le ho bona na? Ba ke ke ba itima dijo, monyadi a sa le ho bona.

20. Empa nako e tla tla, eo monyadi a tla tloswa ho bona; mohlang oo ba tla itima dijo.

21. Ha ho motho ya rokellang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, setsiba se setjha se ka hahola ho tsofetseng, sa eketsa taboho.

22. Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, hobane veine e ntjha e ka phatlola makuka, mme veine ya tsholoha, le ona makuka a timela; empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha.

23. Ka tsatsi le leng, e neng e le la Sabatha, yare ha a feta hara masimo, barutuwa ba hae ba qala ho kga diqwapi ba ntse ba tsamaya.

Mareka 2