1. Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Jesu a boela a kena Kapernauma, mme ha utlwahala hobane o tlung.
2. Batho ba bangata ba phakisa ba phuthehela teng, sebaka sa ba sa hlokahala le pela monyako; mme Jesu a ruta lentswe la Modimo.
3. Ha fihla ba tlisang ho yena motho ya omeletseng ditho, a jerwe ke batho ba bane.
4. Mme kahobane ba ne ba sitwa ke bongata ho atamela Jesu, ba phunya marulelo a ntlo eo a leng ho yona, mme ha ba a phuntse, ba lepelletsa diphate tseo ya omeletseng ditho a robetseng ho tsona.
5. Jesu ha a bona tumelo ya bona, a bolella ya omeletseng ditho, a re: Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.
6. Bangodi ba bang ba ne ba dutse moo, ba nyatsa ka dipelong tsa bona, ba re:
7. Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi?
8. Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?
9. Na haele ho re ho ya omeletseng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na?
10. Jwale — hore le tsebe hoba Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: