Mareka 16:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Kamora tseo, a itlhahisa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya ba ya naheng.

13. Le bona ba kgutla, ba phetela ba bang; empa le bona ha ba ka ba ba dumela.

14. Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.

15. A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.

16. Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng, o tla tsuwa.

17. Mehlolo e tla tsamaya le ba dumetseng ke yona ena: ba tla leleka batemona ka lebitso la ka; ba tla bua dipuo tse ntjha;

18. ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.

19. Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.

20. Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]

Mareka 16