1. Eitse ha Sabatha a fetile, Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo, le Salome, ba reka dinoko, ba tle ba ye ho mo tlotsa.
2. Ka meso ya letsatsi le qalang veke, ba ya lebitleng, letsatsi ha le sa tswa tjhaba.
3. Ba ne ba botsana, ba re: Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe, ho le tlosa monyako wa lebitla?
4. Empa ha ba tadima, ba bona hoba lejwe le se le phikolositswe; athe le ne le le leholo haholo.
5. Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesweu; mme ba tshoha.
6. Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tshoha. Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng; o tsohile, ha a yo mona. Bonang, moo ba neng ba mmeile teng ke mona.
7. Le mpe le ye, le bolelle barutuwa ba hae le Petrose, hore o ya le etella pele ho ya Galelea; ke moo le tla mmona teng, jwalokaha a kile a le bolella.
8. Yaba ba tswa, ba baleha lebitleng; hobane ba ne ba tshwerwe ke ho thothomela le ho hlollwa; mme ha ba ka ba bolella motho letho, ke hobane ba ne ba tshohile.
9. [Jesu ha a tsohile kameso ya letsatsi le qalang veke, a itlhahisa pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.
10. Eo a ya, a bolella ba neng ba na le Jesu, ba le bofifing, ba lla.
11. Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.
12. Kamora tseo, a itlhahisa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya ba ya naheng.