Mareka 15:40-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole; hara bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome.

41. Ke bao, e neng ere ha a sa le Galelea, ba neng ba mo latela, ba mo sebeletsa, ba ena le ba bang ba bangata, mme ba ne ba nyolohetse le yena Jerusalema.

42. Ha e se e le mantsiboya, kahobane e ne e le hlekelo, ke ho re, letsatsi le hlahlangwang ke la Sabatha,

43. ha tla Josefa wa Arimathea, monna wa lekgotla ya kgabane, ya neng a lebeletse mmuso wa Modimo le yena; a beta pelo, a kena ho Pilato, mme a qela setopo sa Jesu.

44. Pilato a makala ha a se a shwele. Yaba o bitsa molaodi wa lekgolo, a mmotsa hore na ho se ho le motsotso a shwele.

45. Eitse hobane a utlwe ho molaodi wa lekgolo, a nea Josefa setopo.

46. Josefa a reka lesela, a fanyolla setopo sa Jesu, a se phuthela leseleng, a se bea lebitleng le betlilweng lefikeng, a ntoo phikolosetsa lejwe pela monyako wa lebitla.

47. Mme Maria Magdalena le Maria, mma Jose, ba ne ba tadima moo se bewang.

Mareka 15