3. Yaba baprista ba baholo ba mo qosa ka taba tse ngata.
4. Pilato a boela a mmotsa, a re: Na ha o arabe letho na? Bona, ba o qosa ka ditaba tse ngata hakakang!
5. Empa Jesu a se ke a araba letho, Pilato a ba a makala.
6. Mohla mokete, o ne a ba lokollela motlamuwa e mong, eo ba mo qelang.
7. Ho ne ho na le e mong, ya bitswang Barabase, ya holehilweng le ba bang ba entseng moferefere, ba bolaile motho moferefereng.
8. Bongata ha bo nyolohile, ba qala ho kopa hore Pilato a etse jwalokaha a ne a ba etsetsa kamehla.
9. Pilato a ba araba, a re: Hleka le rata ha ke le lokollela morena wa Bajuda na?
10. Hobane o ne a tseba hoba baprista ba baholo ba mo neetse yena ka baka la mona.
11. Empa baprista ba baholo ba hlohlelletsa bongata hore a ba lokollele Barabase.
12. Pilato a boela a bua, a re ho bona: Ha ho le jwalo, le rata hore ke etseng ka eo le reng ke morena wa Bajuda?
13. Yaba ba boela ba howa, ba re: Mo thakgise!
14. Pilato a re ho bona: Na o entse bobe bofe? Jwale ba totisa ho howa, ba re: Mo thakgise!
15. Mme kahobane Pilato a ne a rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme eitse hobane a shape Jesu, a mo neela ho thakgiswa.
16. Bahlabani ba mo isa lebaleng, ke ho re, lekgotla le leholo, mme ba bokella sehlopha sohle.