24. Ha ba mo thakgisitse, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho, ho tseba seo e mong le e mong a tla se nka.
25. E ne e le hora ya boraro ha ba mo thakgisa.
26. Lengolo la molato wa hae le ne le ngodilwe, le re: Morena wa Bajuda.
27. Hammoho le yena ba thakgisa le disenyi tse pedi, se seng ka letsohong la hae le letona, se seng ka ho le letshehadi.
28. Kahoo, ha etsahala lengolo le itseng: O badilwe le bakgopo.
29. Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho tsa bona, ba re: Hela! wena ya qhaqhang tempele, ya e tsosang ka matsatsi a mararo,
30. o ipholose ka ho theoha sefapanong!
31. Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba buisana le bangodi ka ditshomo hodima hae, ba re: O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa!
32. Kreste, morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, re tle re bone, mme re dumele. Le ba thakgisitsweng le yena ba ne ba mo hlapaola.
33. Ha ho tlile hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
34. Ka hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eloi, Eloi, lamma sabakthani? Ha ho fetolwa, ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng na?
35. Ba bang ho ba leng moo, ha ba utlwa, ba re: Utlwang, o bitsa Elia.
36. Yaba e mong o a matha, mme hobane a tlatse seponse ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa, a re: Lesang, re ke re bone ha ekaba Elia o tla tla mo fanyolla.
37. Empa Jesu a meketsa ka lentswe le leholo, a neela moya.
38. Yaba lesela la tempele le hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase.