Mareka 15:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Eitse hobane ba mo some, ba mo hlobodisa kobo ya purepera, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.

21. Ba qobella e mong ya fetang, a etswa masimong, hore a jare sefapano sa Jesu; e ne e le Simone wa Sirene, ntata Aleksandere le Rufuse.

22. Ba mo isa thoteng ya Golgotha; ha ho fetolwa, ke ho re, thota ya lehata.

23. Mme ba mo nea veine e tswakilweng ka mira, hore a e nwe; empa a se ke a e nka.

24. Ha ba mo thakgisitse, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho, ho tseba seo e mong le e mong a tla se nka.

25. E ne e le hora ya boraro ha ba mo thakgisa.

26. Lengolo la molato wa hae le ne le ngodilwe, le re: Morena wa Bajuda.

27. Hammoho le yena ba thakgisa le disenyi tse pedi, se seng ka letsohong la hae le letona, se seng ka ho le letshehadi.

28. Kahoo, ha etsahala lengolo le itseng: O badilwe le bakgopo.

29. Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho tsa bona, ba re: Hela! wena ya qhaqhang tempele, ya e tsosang ka matsatsi a mararo,

30. o ipholose ka ho theoha sefapanong!

31. Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba buisana le bangodi ka ditshomo hodima hae, ba re: O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa!

Mareka 15