13. Yaba ba boela ba howa, ba re: Mo thakgise!
14. Pilato a re ho bona: Na o entse bobe bofe? Jwale ba totisa ho howa, ba re: Mo thakgise!
15. Mme kahobane Pilato a ne a rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme eitse hobane a shape Jesu, a mo neela ho thakgiswa.
16. Bahlabani ba mo isa lebaleng, ke ho re, lekgotla le leholo, mme ba bokella sehlopha sohle.
17. Ba mo apesa kobo ya purepera; ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong;
18. mme ba qala ho mo dumedisa, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!
19. Ba mmata hloho ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela.
20. Eitse hobane ba mo some, ba mo hlobodisa kobo ya purepera, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.
21. Ba qobella e mong ya fetang, a etswa masimong, hore a jare sefapano sa Jesu; e ne e le Simone wa Sirene, ntata Aleksandere le Rufuse.
22. Ba mo isa thoteng ya Golgotha; ha ho fetolwa, ke ho re, thota ya lehata.
23. Mme ba mo nea veine e tswakilweng ka mira, hore a e nwe; empa a se ke a e nka.
24. Ha ba mo thakgisitse, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho, ho tseba seo e mong le e mong a tla se nka.
25. E ne e le hora ya boraro ha ba mo thakgisa.
26. Lengolo la molato wa hae le ne le ngodilwe, le re: Morena wa Bajuda.
27. Hammoho le yena ba thakgisa le disenyi tse pedi, se seng ka letsohong la hae le letona, se seng ka ho le letshehadi.