Mareka 15:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato.

2. Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: O boletse teng.

3. Yaba baprista ba baholo ba mo qosa ka taba tse ngata.

4. Pilato a boela a mmotsa, a re: Na ha o arabe letho na? Bona, ba o qosa ka ditaba tse ngata hakakang!

5. Empa Jesu a se ke a araba letho, Pilato a ba a makala.

6. Mohla mokete, o ne a ba lokollela motlamuwa e mong, eo ba mo qelang.

7. Ho ne ho na le e mong, ya bitswang Barabase, ya holehilweng le ba bang ba entseng moferefere, ba bolaile motho moferefereng.

Mareka 15