Mareka 14:58-72 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

58. Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, ke hahe e nngwe ka matsatsi a mararo, e sa etswang ka matsoho.

59. Empa le teng taba tsa dipaki tseo di ne di sa dumellane.

60. Yaba moprista e moholo o ema kahare, a botsa Jesu, a re: Na ha o arabe letho na? Seo bao ba o qosang ka sona keng?

61. A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?

62. Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!

63. Jwale, moprista e moholo a hahola dikobo tsa hae, a re: Re sa batlelang dipaki?

64. Le utlwile nyefolo. Lona, le reng? Bohle ba mo tswa, ba re, o tshwanelwa ke lefu.

65. Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.

66. Petrose a sa ntse a le katlase, lebaleng, ha fihla lekgabunyane le leng la moprista e moholo.

67. Ha le bona Petrose a ntse a ikomosa, la mo tadima, la re: Le wena o ne o na le Jesu wa Nasaretha.

68. A mpa a latola, a re: Ha ke tsebe, ha ke utlwe seo o se bolelang. Mme a tswela ntle, kgotlwaneng. Yaba mokoko o a lla.

69. Lekgabunyane ha le mmona, le boela la qala ho re ho ba emeng moo: Enwa ke wa bona!

70. Yena a mpa a boela a latola. Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba re ho Petrose: O wa bona ruri, hobane le wena o Mogalelea, le puo ya hao eka ya teng.

71. Jwale, a qala ho hlapanya le ho ana, a re: Motho eo le mmolelang ha ke mo tsebe.

72. Yaba mokoko o lla la bobedi. Jwale Petrose a elellwa seo Jesu a neng a mmoleletse sona, kamoo a neng a itse kateng: Mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo. Mme a qala ho lla.

Mareka 14