49. Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.
50. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
51. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a apere kobo ya bosiu feela; bahlanka ba mo tshwara;
52. empa yena a ba tlohella kobo, a baleha a le feela.
53. Jwale ba isa Jesu ho moprista e moholo. Baprista ba baholo bohle le baholo le bangodi ba phuthehela teng.
54. Petrose yena a mo latela a le hole, a ba a kena lebaleng la moprista e moholo; a dula le bahlanka, a ikomosa mollong.
55. Jwale, baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki bo ka qosang Jesu, ba tle ba mmolaye; empa ha ba ka ba bo fumana.
56. Hobane ba bangata ba ne ba mo qosa ka bohata, empa taba tsa bopaki ba bona di ne di sa dumellane.
57. Ba bang ba ema, ba mo qosa ka bohata, ba re:
58. Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, ke hahe e nngwe ka matsatsi a mararo, e sa etswang ka matsoho.
59. Empa le teng taba tsa dipaki tseo di ne di sa dumellane.
60. Yaba moprista e moholo o ema kahare, a botsa Jesu, a re: Na ha o arabe letho na? Seo bao ba o qosang ka sona keng?
61. A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?
62. Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!
63. Jwale, moprista e moholo a hahola dikobo tsa hae, a re: Re sa batlelang dipaki?
64. Le utlwile nyefolo. Lona, le reng? Bohle ba mo tswa, ba re, o tshwanelwa ke lefu.
65. Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.