Mareka 14:47-57 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. Jwale e mong wa ba leng teng a tsomola sabole, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe.

48. Jesu a bua, a re ho bona: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu.

49. Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.

50. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.

51. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a apere kobo ya bosiu feela; bahlanka ba mo tshwara;

52. empa yena a ba tlohella kobo, a baleha a le feela.

53. Jwale ba isa Jesu ho moprista e moholo. Baprista ba baholo bohle le baholo le bangodi ba phuthehela teng.

54. Petrose yena a mo latela a le hole, a ba a kena lebaleng la moprista e moholo; a dula le bahlanka, a ikomosa mollong.

55. Jwale, baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki bo ka qosang Jesu, ba tle ba mmolaye; empa ha ba ka ba bo fumana.

56. Hobane ba bangata ba ne ba mo qosa ka bohata, empa taba tsa bopaki ba bona di ne di sa dumellane.

57. Ba bang ba ema, ba mo qosa ka bohata, ba re:

Mareka 14