34. A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.
35. A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.
36. O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.
37. A boya, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Simone, na o robetse? O sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe na?
38. Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.
39. A boela a ya, a rapela, a bolela wona mantswe ao.
40. Eitse hobane a kgutle, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima; ba ne ba sa tsebe seo ba ka mo arabang sona.
41. A tla la boraro, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe! Ho a lekana; hora e tlile. Bonang, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.
42. Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi.
43. Kapelepele, ha a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se rometswe ke baprista ba baholo le bangodi le baholo.
44. Ya mo ekang o ne a ba neile pontsho, a re: Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, mme le ye le yena, le mo tiisitse.
45. Ha a fihla, a phakisa a atamela Jesu, a re: Rabbi! Rabbi! a ba a mo aka.
46. Yaba ba isa matsoho a bona ho yena, ba mo tshwara.
47. Jwale e mong wa ba leng teng a tsomola sabole, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe.
48. Jesu a bua, a re ho bona: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu.
49. Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.
50. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
51. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a apere kobo ya bosiu feela; bahlanka ba mo tshwara;
52. empa yena a ba tlohella kobo, a baleha a le feela.