Mareka 14:26-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.

27. Jesu a re ho bona: Bohle le tla kgoptjwa ho nna bosiung bona; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.

28. Empa, etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.

29. Petrose a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa, haele nna, tjhe!

30. Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.

31. Ebile Petrose o tlodisa puo, a re: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Mme bohle ba rialo le bona.

32. Ba ya nqalong e bitswang Gethesemane. Jwale, a re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke tle ke be ke rapele.

33. A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.

34. A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.

35. A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.

36. O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.

37. A boya, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Simone, na o robetse? O sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe na?

38. Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.

39. A boela a ya, a rapela, a bolela wona mantswe ao.

40. Eitse hobane a kgutle, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima; ba ne ba sa tsebe seo ba ka mo arabang sona.

41. A tla la boraro, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe! Ho a lekana; hora e tlile. Bonang, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.

Mareka 14